BIBELE

Esaya 44:24-28 BIBELE (SSO89SO)

24. Morena, Molopolli wa hao,yena ya o entseng o sa le popelong,o bua tjena:“Ke nna Morenaya entseng dintho tsohle,ya adileng mahodimoke le inotshi,ya phutholotseng lefatsheke le inotshi.

25. Ke nna ya nyopisangdipontsho tsa baporofeta ba bohata,ya fetolang dinohe e be dithoto,ya nyopisang tsebo ya bahlalefi,a e fetole lefeelafeelane.

26. Ke nna ya phethahatsangpolelo tsa mohlanka wa ka,ya phethisangmerero ya baromuwa ba ka,ya reng ho Jerusalema:<O tla ba le baahi!>ya reng ho metse ya Juda:<Le tla hahuwa!>ho dithako tsa yona:<Ke tla le tsosa!>

27. Ke nna ya reng ho madiba:<Pshang!Dinoka tsa lona ke tla di pshesa!>

28. Ke nna ya reng ho Siruse:<O modisana wa ka,o tla phetha tsohletseo ke di ratang;o tla re thako tsa Jerusalemadi tsoswe,o re metheo ya Tempele e ralwe.> ”