BIBELE

Esaya 43:17-23 BIBELE (SSO89SO)

17. ya ntshitseng diperele kariki tsa ntwa,a ntsha mabothole mekgahlelo ya wona,mabotho a rapalla moo,a rapallela ruri,a fediswa seka lebone le tingwa:

18. “Lebalang tsa kgalekgale,tse fetileng le se ke la di nahana.

19. Bonang, ke etsa ntho e ntjha!Ke ena e mela, na ha le e bone?Ke phunya tsela hara lehwatata,le dinoka naheng e omeletseng.

20. Phoofolo tse hlahadi a ntlhompha,diphokojwe le dimpshedi a nthorisa,hobane didibake di tjheka lehwatateng,dinoka di phallenaheng e omeletseng,ho nyorolla tjhaba sa ka,bakgethwa ba ka.

21. Setjhaba seo ke ipopetseng sona,se tla ntumisa ka dithoko.”

22. “Empa ha o a ipiletsa ho nna,wena Jakobo,ha o a ikgathatsa ka nna,wena Iseraele.

23. Ha o a ntlisetsakonyana tsa setjheso,leha e le ho ntlhomphaka mahlabelo a hao.Ha ke a ka ka o imetsaka ho batla nyehelo tsa dijo,kapa ka o kgathatsaka ho o kopa mokubetso.