BIBELE

Esaya 43:15-27 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke nna Morena,Ya Halalelang wa lona,Mmopi wa Iseraele,Kgosi ya lona.”

16. Morena o bua tjena,yena ya phuntseng tsela lewatleng,a seha mmilahara metsi a befileng;

17. ya ntshitseng diperele kariki tsa ntwa,a ntsha mabothole mekgahlelo ya wona,mabotho a rapalla moo,a rapallela ruri,a fediswa seka lebone le tingwa:

18. “Lebalang tsa kgalekgale,tse fetileng le se ke la di nahana.

19. Bonang, ke etsa ntho e ntjha!Ke ena e mela, na ha le e bone?Ke phunya tsela hara lehwatata,le dinoka naheng e omeletseng.

20. Phoofolo tse hlahadi a ntlhompha,diphokojwe le dimpshedi a nthorisa,hobane didibake di tjheka lehwatateng,dinoka di phallenaheng e omeletseng,ho nyorolla tjhaba sa ka,bakgethwa ba ka.

21. Setjhaba seo ke ipopetseng sona,se tla ntumisa ka dithoko.”

22. “Empa ha o a ipiletsa ho nna,wena Jakobo,ha o a ikgathatsa ka nna,wena Iseraele.

23. Ha o a ntlisetsakonyana tsa setjheso,leha e le ho ntlhomphaka mahlabelo a hao.Ha ke a ka ka o imetsaka ho batla nyehelo tsa dijo,kapa ka o kgathatsaka ho o kopa mokubetso.

24. Ha o a nthekelahlaka le monko o monate,kapa wa nthabisaka mafura a mahlabelo a hao.Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao,wa ntena ka makgopo a hao.

25. Nna, nna ke inotshi,ke hlakola ditshito tsa hao,ke di hlakola ka baka la ka,ha ke sa hlola ke hopoladibe tsa hao.

26. “Ako nkgopotse tse fetileng,re phehisane kgang ka tsona;bolela kamoo o hlokangmolato kateng.

27. Ntataomoholo o ne a etse sebe,babuelli ba hao ba mphetohela,