BIBELE

Esaya 42:18-25 BIBELE (SSO89SO)

18. “Mamelang, lona bo-tsebetutu!Tadimang le bone, lona difofu!

19. Sefofu ke manghaese mohlanka wa ka,kapa ya tsebetutujwaloka moromuwa wa ka?Ke mang ya foufetsengjwaloka ya ikabetseng nna,ya foufetsengjwaloka mohlanka wa Morena?

20. O bone ntho tse ngata,empa ha o di ele hloko;tsebe tsa hao di lethwethwe,empa ha o utlwe letho.”

21. Ho kgahlile Morenaka baka la ho loka ha hae,hore Molao wa hae o be moholo,o tlotlehe.

22. Empa tjhaba sena se senyeditswe,sa utswetswa,batho bohle ba wetse ka mameneng,ba patilwe ditjhankaneng;batho bohle ba fetohile lelobelo,ha ho le ya mong ya ba pholosang,ba senyeditswe,ha ho ya reng: “Ba buseletseng!”

23. Ke mang wa lonaya tla mamela tsee,eo ho tloha jwalea tla di sekehela tsebe?

24. Ya neelaneng ka Jakobohore e be lelobelo ke mang?Ya neelaneng ka Iseraeleho basenyi ba hae ke mang?Na hase Morenaeo re mo sitetsweng?Ha ba a ka ba rataho tsamaya ka tsela tsa hae,ha ba a ka ba rataho mamela Molao wa hae.

25. Kahoo o hlatsitse kgalefo ya hae,a e hlatsetsa hodima bona,a hlatsa le bohale ba ntwa,a bo hlatsetsa hodima bona.Kgalefo ya ba aparelaka malakabe,empa ba se ke ba utlwisisa letho,ya ba tlabola,empa ba se ke ba e natsa.