BIBELE

Esaya 42:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. “Bonang, Mohlanka wa kaeo ke mo kgethileng, ke eo,mokgethwa wa ka ya nkgahlang;ke theoletse Moya wa ka,ka o theolela hodima hae,o tla tlisetsa ditjhaba toka.

2. Ha a ka ke a howeletsakapa a phahamisa lentswe,kapa a peroha hara diterata.

3. Ha a ka ke a robalehlaka le tenyetsehile,ha a ka ke a tima lebone,a le tima le taitsa.O tla ahlola bohle ka botshepehi.

4. Ha a ka ke a thekeselakapa a nyahama pelo,ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng.Dihlekehleke di tla itshepela molao,di itshepele molao wa hae.”

5. Morena Modimo o bua tjena,yena ya bopileng mahodimoa ba a a ala,ya phutholotseng lefatshele tsohle tse ho lona,ya neang baahi ba lonamoya o ba phedisang,le bophelo ho bohleba phelang ho lona:

6. “Nna Morena, ke o bitsitsehobane ke lokile;ke tla o utlwa ka letsoho,ke o boloke,ka wenake etse selekane le baditjhaba,ka wenake tlisetse baditjhaba lesedi.

7. O tla tutubolla mahlo a difofu,o lokolle batshwaruwa,o ba lokolle ditjhankaneng,o lokolle ba dutsenglefifing la tjhankana.

8. “Ke nna Morena,lena ke lona lebitso la ka!Nke ke be ka nea e mongtlotla ya ka,kapa medimo ya bohatatlotliso ya ka.

9. Bonang, tsa pele di se di fetile,jwale ke le bolella tse ntjha;ke le phatlalletsa tsonadi eso etsahale.”

10. Binelang Morena sefela se setjha,mo tlotlisengho tloha pheletsong tsa lefatshe,lona ba sesisang dikepe lewatleng,le dibopuwa tsohletse phelang lewatleng,lona dihlekehleke,le bohle ba phelang ho tsona.