BIBELE

Esaya 41:12-21 BIBELE (SSO89SO)

12. Leha o ka tsoma dira tsa hao,ha o ka ke wa ba wa di fumana.Batho ba o futuhelang ka ntwaba tla tshwana le lefeelafeelane,

13. hoba ke nna Morena,Morena Modimo wa hao,ya utlang tsoho la hao le letona,ya reng: <Se tshabe,nna ke tla o thusa.>

14. “O se ke wa tshaba,wena Jakobo, sebokonyana,wena Iseraele wa motwantwanyane;ke nna ya tla o thusa,”ho rialo Morena,Molopolli wa hao,Ya Halalelang wa Iseraele.

15. “Bona, ke tla o etsa seleise phophothang, se setjha,se nang le meno e ntjhotjho.O tla thua dithaba,o di phophothe,maralla wona o a sile, a ke mmoko;

16. tsena o tla di olosa,moya o di fefole,sefefo se matla se di hasanye.Thabo ya hao e tla ba ho Morena,tlotla ya haoe be Ya Halalelang wa Iseraele.

17. “Mafutsana le bahlokiba batla metsi,empa metsi ha ba a fumane,maleme a bonaa omeletse ke lenyora.Empa nna Morena, ke tla ba araba,nna Modimo wa Iseraele,nke ke ka ba furalla.

18. Ke tla phunya mehlodi ya dinoka,ke e phunyetutudung tsa lehlabathe,kahara dikgohlo didiba di phorosele.Lehwatata ke tla le fetolale tlale matsha,naha e omeletsenge runyarunye didiba.

19. Ke tla medisafate tsa dikedare lehwatateng,ke medise mositsane,mohlakola le mohlwaare;matswatlareng ke tla medisafate tsa modutu,di mele hammohole tsa phaene le kiperese.

20. Batho ba tla bona tsenaba be ba tsebe,ba hlokomele, ba be ba utlwisise:Morena o entse tsenaka letsoho la hae,Ya Halalelang wa Iseraeleo di hlodile.”

21. “Ritelang nyewe ya lona,lona medingwana,”ho rialo Morena.“Bolelang mabaka a lona,”ho rialo Kgosi ya Jakobo.