BIBELE

Esaya 33:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Lona ditjhaba,kgapo ya lona e jelwe sa bookgolaneha bo kumola,banna ba e tsholohelasa boiyane ba ditsie.

5. Morena o phahame,hobane o ahile hodimo,o entse hore toka le ho lokadi be teng Sione.

6. Morena e tla ba motheo wa nnete,e be motheo mehleng ya lona,e be sesiu sa pholohole bohlale le tsebo;ho tshaba Morenake lona letlotlo la lona.

7. Bonang, bahale ba a bokolla,ba bokolla hara diterata,maqosa a kgotsoa lla sa mmokotsane.

8. Mmila e meholo e setse e le feela,ditseleng le tengbatsamai ha ba sa bonwa,selekane se senyehile,metse e nyedisitswe,ha ho sa le le ya hlomphehang.

9. Naha e omeletse, e ponne,Lebanone e swabile, e a pona,Sharone e fetohile lehwatata,Bashane le Karameledi hlohloreha mahaba.

10. “Jwale ke tla ema,”ho rialo Morena;“jwale ke tla tuma,jwale ke tla phahama.

11. Le emotse mmoko,le tla tswala ditlhaka,ho phefumoloha ha lonake mollo o tla le timetsa.

12. Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka,di tjhe jwaloka fate tsa leokatse remilweng.”

13. Lona ba hole,utlwang seo ke se entseng,lona ba haufi,ananelang matla a ka.

14. Baetsadibe ba Sioneba tshwerwe ke tshabo,ba kgopo bona ba a thothomela:“Ke mang ho rona ya ka phelangmollong o timetsang?Ke mang ho rona ya ka phelangmalakabeng a kamehla yohle?”

15. Motho ya metsamao e lokileng,ya puo di ntle,ya hloileng ho rua ka mahahapa,ya sa amoheleng tjotjo,ya sa mamelengmerero ya ho bolaya,ya thibelang mahlo a haehore a se bone bobe;

16. ke yena ya tla phelabakeng tse phahameng,eo setshabelo sa haee tla ba qhobosheane e thabeng.Dijo o tla di fuwa,a ke ke a hloka metsi.