4. Lona ditjhaba,kgapo ya lona e jelwe sa bookgolaneha bo kumola,banna ba e tsholohelasa boiyane ba ditsie.
5. Morena o phahame,hobane o ahile hodimo,o entse hore toka le ho lokadi be teng Sione.
6. Morena e tla ba motheo wa nnete,e be motheo mehleng ya lona,e be sesiu sa pholohole bohlale le tsebo;ho tshaba Morenake lona letlotlo la lona.
7. Bonang, bahale ba a bokolla,ba bokolla hara diterata,maqosa a kgotsoa lla sa mmokotsane.
8. Mmila e meholo e setse e le feela,ditseleng le tengbatsamai ha ba sa bonwa,selekane se senyehile,metse e nyedisitswe,ha ho sa le le ya hlomphehang.
9. Naha e omeletse, e ponne,Lebanone e swabile, e a pona,Sharone e fetohile lehwatata,Bashane le Karameledi hlohloreha mahaba.
10. “Jwale ke tla ema,”ho rialo Morena;“jwale ke tla tuma,jwale ke tla phahama.
11. Le emotse mmoko,le tla tswala ditlhaka,ho phefumoloha ha lonake mollo o tla le timetsa.
12. Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka,di tjhe jwaloka fate tsa leokatse remilweng.”
13. Lona ba hole,utlwang seo ke se entseng,lona ba haufi,ananelang matla a ka.
14. Baetsadibe ba Sioneba tshwerwe ke tshabo,ba kgopo bona ba a thothomela:“Ke mang ho rona ya ka phelangmollong o timetsang?Ke mang ho rona ya ka phelangmalakabeng a kamehla yohle?”