BIBELE

Esaya 33:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. O madimabe hakaakang,wena motimetsi,wena o esong ho ka o timetswa!O madimabe hakaakang,wena lehlabaphiyo,wena o esong ho ka e ekwa!Ha o qeta ho timetsa,wena o tla timetswa,ha o kgaotsa ho eka,wena ba tla o eka.

2. Oho, Morena, ako re hauhele,rona ba o tshepileng!Hoseng ho hong le ho hongo re matlafatse,o re pholose nakong ya ditsietsi.

3. Ha tolo la hao le thwathwaretsa,tjhaba di a baleha,ha o phahama,tjhaba di a phasalla.

4. Lona ditjhaba,kgapo ya lona e jelwe sa bookgolaneha bo kumola,banna ba e tsholohelasa boiyane ba ditsie.

5. Morena o phahame,hobane o ahile hodimo,o entse hore toka le ho lokadi be teng Sione.

6. Morena e tla ba motheo wa nnete,e be motheo mehleng ya lona,e be sesiu sa pholohole bohlale le tsebo;ho tshaba Morenake lona letlotlo la lona.

7. Bonang, bahale ba a bokolla,ba bokolla hara diterata,maqosa a kgotsoa lla sa mmokotsane.

8. Mmila e meholo e setse e le feela,ditseleng le tengbatsamai ha ba sa bonwa,selekane se senyehile,metse e nyedisitswe,ha ho sa le le ya hlomphehang.

9. Naha e omeletse, e ponne,Lebanone e swabile, e a pona,Sharone e fetohile lehwatata,Bashane le Karameledi hlohloreha mahaba.

10. “Jwale ke tla ema,”ho rialo Morena;“jwale ke tla tuma,jwale ke tla phahama.

11. Le emotse mmoko,le tla tswala ditlhaka,ho phefumoloha ha lonake mollo o tla le timetsa.