BIBELE

Esaya 32:4-17 BIBELE (SSO89SO)

4. Ba kelello di tatangba tla tseba, ba utlwisise,maleme a mahwelea a rarolohe,a bue hantle.

5. Sethoto se ke ke sa hlolase bitswa kgosana,kapa senokwanesa hlompheha haholo;

6. hobane sethoto se bua bothoto,le ho nahana se nahana tse kgopo:Se etsa tse kgopo,se bua tsa bohata ka Modimo;ba lapileng ha se ke se ba fepa,ba nyorilweng se ba tima metsi.

7. Mekgwa ya senokwane e mebe,kamehla se rera merero e kgopo,ho timetsa mafutsanaka polelo tsa mashano,leha thapedi ya bahlokie nepahetse.

8. Empa ya kgabaneo rera merero e kgabane,bokgabeneng ba haea ke ke a sisinngwa.

9. Lona basadi ba iketlileng,tsohang le mamele lentswe la ka!Lona barwetsana ba itshepileng,mamelang seo ke se bolelang!

10. Etlare hoba selemo se fetafete,lona basadi ba iketlilengle tla thothomela;morara o kotulwang o tla ba siyo,le ditholwanadi ke ke tsa eba teng.

11. Thothomelang,lona basadi ba iketlileng!Tlakaselang,lona barwetsana ba itshepileng!Hlobolang aparo tsa lona,itlameng matheka ka tse mahwashe!

12. Llelang masimo a lonaa matlematle,le llele morara o atlehileng;

13. le llele le naha ya tjhaba sa ka,naha e metseng meutlwale hlabahlabane;llelang matlo wohle a boithabiso,le llele motse ona wa menyanyako.

14. Ntlo ya kgosie tla sala e le feela,mmidimidi o hara motse o fele;qhobosheane le torae tla ba dithako kamehla,tonki di thalle teng,le mehlape e fule teng,

15. ho fihlela Moya o tswang hodimoo theolelwa hodima rona,lehwatatale fetoha kgwiti ya masimo,kgwiti eo e tshwanale moru o teteaneng.

16. Toka e tla ba teng lehwatateng,ho loka ho be tenghara kgwiti ya masimo.

17. Ho loka ho tla behatholwana ya kgotso,ho loka ho tswalekgutso le letshepa kamehla.