BIBELE

Esaya 30:6-17 BIBELE (SSO89SO)

6. Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa:Naheng ya ditsietsile ya mahlomola,naheng ya ditau le ditauhadi,ya bo-marabele ya noha tse mahloko,tse tjhalametsang,maqosa a belesitse maruo a wonahodima ditonki,matlotlo a wonahodima dilota tsa dikamele,a a isetsa tjhaba senase se nang thuso,

7. a iswa Egepeta,naheng e se nang thuso,kahoo ke e bitsa kganyapae se nang kotsi.

8. Eya, o ba ngolle tsenahodima letlapa ba ntse ba bona,o ba ngolle tsona bukeng,e le hore ka matsatsi a tlange tle be bopaki,e tle be bopaki ba kamehla yohle.

9. Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo,bana ba sona ke bo-raleshano,molao wa Morena ha ba o mamele.

10. Ho dinohe ba re:“Le se hlole le bona dipono!”Ho baprorofeta, ba re:“Se re porofeteleng tse lokileng!Re bolelleng tse re thabisang,le re porofetele tsa bohata.

11. Suthang tseleng,le kgelohele kathoko,le kgaotse ho re bolellatsa Ya Halalelang wa Iseraele!”

12. Kahoo Ya Halalelang wa Iseraele o re:“Kahobane le hanyetsa keletso ena,le tshepa kgatello le bokgopo,le beile tshepo ya lona ho tsona,

13. bokgopo bonabo tla ka lerako le phahameng,le seng le petsohile, le hlephile,le helehang ka ho panya ha ntshi.

14. O tla le thuakanyasa pitsa ya letsopae pshatleha makumane,a thuakanye a sa qenehele letho,hoo ho ke keng ha salale lengetana la ho okga mollo,kapa lona la ho kga metsi,ho a kga ka sedibeng.”

15. Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena:“Ha le ka baka, la ba le kgotso,le tla pholoha,ha le ka kgutsa, la ba le tshepo,le tla matlafala,empa le hanne ho etsa jwalo.

16. Le itse: <Tjhe,re tla palama dipere, re balehe!>E, le tla fela le balehe!La ba la re:<Re tla palama tse lebelo!>Tse le phaladisangdi tla ba lebelo ho feta!

17. Ba sekete ba lonaba tla phaladiswa ke a le mong,ba bahlano bonaba le phaladise bohle,ho fihlela le sala le ka sefate,se itsolokileng hodima thaba,le ka mokgele hodima leralla.”