BIBELE

Esaya 30:16-23 BIBELE (SSO89SO)

16. Le itse: <Tjhe,re tla palama dipere, re balehe!>E, le tla fela le balehe!La ba la re:<Re tla palama tse lebelo!>Tse le phaladisangdi tla ba lebelo ho feta!

17. Ba sekete ba lonaba tla phaladiswa ke a le mong,ba bahlano bonaba le phaladise bohle,ho fihlela le sala le ka sefate,se itsolokileng hodima thaba,le ka mokgele hodima leralla.”

18. Empa Morena o rata ho le hauhela,o labalabela ho tla le rekolohela,hobane Morenake Modimo wa toka,ho lehlohonolo bohleba mo lebeletseng.

19. Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.

20. Leha Morena a le fepa bohobe ba matshwenyeho, a le nwesa metsi a ditsietsi, baruti ba lona ba ke ke ba hlola ba pateha, empa le tla ba bona ka mahlo a lona.

21. Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”

22. Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”

23. Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.