BIBELE

Esaya 3:9-21 BIBELE (SSO89SO)

9. Fahleho tsa tsona di a di qosa,di ipoletse sebe sa tsonajwaloka Sodoma,le ho se pata di sitwa ho se pata.Di madimabe hakaakang!Koduwa ena di imemetse yona!

10. Tsebisa ba lokilenghore tsohle di tla loka,ba tla ja ditholwanatsa mesebetsi ya bona.

11. Ho madimabe ba kgopo,hobane koduwae tla ba wela hodimo,ba putsweho ya ka mesebetsi ya bona.

12. Batjha ba hatella tjhaba sa ka,basadi ke bona babusi ba sona;tjhaba sa ka,badisa ba lona ba a le kgelosa,ba le faposa tseleng ya lona.

13. Morena o a ema,o bolela qoso ya hae,o a ema, o ahlola ditjhaba.

14. Morena o qosa baholoba tjhaba sa hae,o qosa le babusi ba sona, o re:“Tshimo ya ka ya morarae lobetswe ke lona,matlo a lonaa tletse tse amohilweng mafutsana.

15. Ke ka baka langha le hatakela setjhaba sa ka,mafutsana le wona le a tlatlapa?”ho rialo Morena, Morena mabotho.

16. Morena o re:“Basadi ba Sione ba a ikgohomosa,ba tsamaya melala ba e thamotse,ka mahlo a bona ba ntse ba bonya,ba rwanyaketsa, ba hatela haufi,maqaqailana a bona a lla masekana.

17. Kahoo Morenao tla kgophosa hlooho tsa bona,hlooho tsa bonaa di phumole mafatla.”

18. Mohla tsatsi leo,Morena o tla ba amoha mekgabiso:mefitshane le meqhakale difaha tsa molala;

19. masale, dipetja le wona masira;

20. le dikola, le dithoto, le dinyepa,le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho;

21. le masale a monwanale masale a dinkong,