BIBELE

Esaya 3:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke ka baka langha le hatakela setjhaba sa ka,mafutsana le wona le a tlatlapa?”ho rialo Morena, Morena mabotho.

16. Morena o re:“Basadi ba Sione ba a ikgohomosa,ba tsamaya melala ba e thamotse,ka mahlo a bona ba ntse ba bonya,ba rwanyaketsa, ba hatela haufi,maqaqailana a bona a lla masekana.

17. Kahoo Morenao tla kgophosa hlooho tsa bona,hlooho tsa bonaa di phumole mafatla.”

18. Mohla tsatsi leo,Morena o tla ba amoha mekgabiso:mefitshane le meqhakale difaha tsa molala;

19. masale, dipetja le wona masira;

20. le dikola, le dithoto, le dinyepa,le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho;

21. le masale a monwanale masale a dinkong,

22. le diaparo tse majabajaba,le ditipe, le mekotlana;

23. le diipone, le diaparo tsa lene,le dituku, le ditjale.

24. Bakeng sa monko o monateho tla nkga phu!Bakeng sa senyepa e be lerapo,bakeng sa moriri o lohilwengba phumohe mafatla,bakeng sa aparo tse ntlee be tse mahwashe,bakeng sa fahleho tse borethee be tse mabadi.

25. Bana ba lonaba tla bolawa ka sabole,e leng bona bahale ba lona ntweng.