BIBELE

Esaya 3:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke ka baka langha le hatakela setjhaba sa ka,mafutsana le wona le a tlatlapa?”ho rialo Morena, Morena mabotho.

16. Morena o re:“Basadi ba Sione ba a ikgohomosa,ba tsamaya melala ba e thamotse,ka mahlo a bona ba ntse ba bonya,ba rwanyaketsa, ba hatela haufi,maqaqailana a bona a lla masekana.

17. Kahoo Morenao tla kgophosa hlooho tsa bona,hlooho tsa bonaa di phumole mafatla.”

18. Mohla tsatsi leo,Morena o tla ba amoha mekgabiso:mefitshane le meqhakale difaha tsa molala;

19. masale, dipetja le wona masira;

20. le dikola, le dithoto, le dinyepa,le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho;

21. le masale a monwanale masale a dinkong,

22. le diaparo tse majabajaba,le ditipe, le mekotlana;