BIBELE

Esaya 3:11-17 BIBELE (SSO89SO)

11. Ho madimabe ba kgopo,hobane koduwae tla ba wela hodimo,ba putsweho ya ka mesebetsi ya bona.

12. Batjha ba hatella tjhaba sa ka,basadi ke bona babusi ba sona;tjhaba sa ka,badisa ba lona ba a le kgelosa,ba le faposa tseleng ya lona.

13. Morena o a ema,o bolela qoso ya hae,o a ema, o ahlola ditjhaba.

14. Morena o qosa baholoba tjhaba sa hae,o qosa le babusi ba sona, o re:“Tshimo ya ka ya morarae lobetswe ke lona,matlo a lonaa tletse tse amohilweng mafutsana.

15. Ke ka baka langha le hatakela setjhaba sa ka,mafutsana le wona le a tlatlapa?”ho rialo Morena, Morena mabotho.

16. Morena o re:“Basadi ba Sione ba a ikgohomosa,ba tsamaya melala ba e thamotse,ka mahlo a bona ba ntse ba bonya,ba rwanyaketsa, ba hatela haufi,maqaqailana a bona a lla masekana.

17. Kahoo Morenao tla kgophosa hlooho tsa bona,hlooho tsa bonaa di phumole mafatla.”