BIBELE

Esaya 29:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Tsherehanang le thotofale!Iphoufatseng le sitwe ho bona!Tahwang empa le sa nwa veine!Ratseelang empa le sa nwa jwala!

10. Morena o le tliseditsesephume sa boroko,o le tutubaditse,lona baporofeta,o le kgurumeditse dihlooho,lona dinohe.

11. Ho wena pono ena e tshwana le buka e kwetsweng, ya bitielwa. Ha o ka e nea motho ya tsebang ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla araba, a re: “Ke sitwa ho e bala, hobane e kwetswe, e bitietswe.”

12. Leha o ka e nea motho ya sa tsebeng ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla re: “Ha ke tsebe ho bala!”

13. Yaba Morena o a bua, o re:“Tjhaba sena se bua le nnaka melomo feela,se ntlhomphaka melomo ya sona feela,empa pelo tsa sonatsona di hole le nna;se ntshabaho ya ka ditaelo tsa batho,ditaelo tseose di rutilweng ke batho.

14. Kahoo tjhaba senake tla boela ke se makatsa,ke se etsetsa dimakatso tse ngata.Bohlale ba bahlalefi ba sonabo tla fela,kelello ya ba nang le kelelloe nyamele.”

15. Ho madimabe ba patelang Morenamerero ya bona,ba e etsetsang lefifing, ba re:“Ke mang ya re bonang?Ke mang ya re tsebang?”

16. Ntho le di hlabisa hlohlodingwane,jwalokaha eka sebopi sa tsonake letsopa.Na se bopilwengse ka bua ka mmopi wa sona,sa re: “Hase yena ya mpopileng”?Na pitsae ka bua ka sebopi sa yona,ya re: “Ha se tsebe letho”?

17. Haufinyane, Lebanone e tla fetohamasimo a kgwiti,kgwiti eo e fetohemoru o teteaneng.

18. Ka tsatsi leo, bo-tutuba tla utlwa polelo tsa buka,leha difofu di le lefifing,di le botshong,mahlo a tsona a tla bona.