BIBELE

Esaya 29:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba Morena o a bua, o re:“Tjhaba sena se bua le nnaka melomo feela,se ntlhomphaka melomo ya sona feela,empa pelo tsa sonatsona di hole le nna;se ntshabaho ya ka ditaelo tsa batho,ditaelo tseose di rutilweng ke batho.

14. Kahoo tjhaba senake tla boela ke se makatsa,ke se etsetsa dimakatso tse ngata.Bohlale ba bahlalefi ba sonabo tla fela,kelello ya ba nang le kelelloe nyamele.”

15. Ho madimabe ba patelang Morenamerero ya bona,ba e etsetsang lefifing, ba re:“Ke mang ya re bonang?Ke mang ya re tsebang?”

16. Ntho le di hlabisa hlohlodingwane,jwalokaha eka sebopi sa tsonake letsopa.Na se bopilwengse ka bua ka mmopi wa sona,sa re: “Hase yena ya mpopileng”?Na pitsae ka bua ka sebopi sa yona,ya re: “Ha se tsebe letho”?

17. Haufinyane, Lebanone e tla fetohamasimo a kgwiti,kgwiti eo e fetohemoru o teteaneng.

18. Ka tsatsi leo, bo-tutuba tla utlwa polelo tsa buka,leha difofu di le lefifing,di le botshong,mahlo a tsona a tla bona.

19. Baikokobetsi ba tla boelaba thabela Morena,mafutsana a thabeleYa Halalelang wa Iseraele.

20. Ba sehloho ba tla timela,le basomi ba fele,ba tjhatjhehelang bobele bona ba timetswe:

21. Ba beang motho molatoka polelo tsa bona,ba tswakeletsangya emelang toka ka lekgotleng,ka paki ya bohataba sitise ya lokileng,ba mo sitise ho ahlolwa ka toka.

22. Ka baka leo, Morena ya lopolotseng Aborahama o bua tjena ho ba lelapa la Jakobo:“Jakobo ha a sa tla hlolaa hlajwa ke dihlong,fahleho sa haeha se ka ke sa hlola se pudufala.

23. Bana ba haeba tla halaletsa lebitso la ka,ha ba bona mosebetsiwa matsoho a ka,ba halaletse lebitso la ka,ba halaletseYa Halalelang wa Jakobo,ba tshabe Modimo wa Iseraele.

24. Bao meya ya bona e lahlehilengba tla ba le kutlwisiso,ba neng ba belaelaba thabele ho fumana thuto.”