BIBELE

Esaya 28:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. Tafole tsohledi tletse mahlatsa le ditshila,ha ho na sebaka le se sengse hlwekileng.

9. “Ke bo-mangbao moporofeta a tla ba ruta?Molaetsa wa haeo tla o hlalosetsa bo-mang?O loketse masea a sa tswa kgweswa,bana ba sa tswa tloswa letsweleng!

10. Thuto ya hae ke:Molao hodima molao,molao hodima molao,taelo hodima taelo,taelo hodima taelo;hanyenyane mona,hanyenyane mane.”

11. Kahoo Morena o tla buale tjhaba sa hae,a bue le sonaka maleme a batho basele,a bue le sonaka maleme a baditjhaba.

12. O kile a bua le sona, a re:“Ke tla le fa phomolo ya sebele,ba kgathetseng ba tlo phomola;ke tla fela ke le kgatholle.”Leha ho le jwalo,ha ba a ka ba mamela.

13. Ka baka leo ntswe la Morenae tla ba lena ho bona:Molao hodima molao,molao hodima molao,taelo hodima taelo,taelo hodima taelo;hanyenyane mona,hanyenyane mane,etlere ha ba tsamayaba we ka sanketse,ba robehe, ba tshwaswe,ba thopuwe.

14. Mamelang lona basomiba busang tjhaba se Jerusalema,lentswe la Morena ke lena:

15. Lona le itse:“Re entse selekane le lefu,ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu.Ha koduwa e tshabehange wela lefatshe,rona e tla re feta mohwalotso,hoba leshano ke tshabelo sa rona,bohata ke bona tshireletso ya rona.”

16. Kahoo Morena o bua tjena:“Ke bea lejwe la motheo Sione,lejwe le lekilweng,la bohlokwa, la mantlha;ke lejwe la nnete, la motheo:<Ya dumelang honao tla ba le mamello.>