BIBELE

Esaya 28:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. E tla ba moya wa tokaho ba okametseng kahlolo,le wa bonatlaho ba phumelang serakgorong ya motse.

7. Batho bana le bonaba thekesediswa ke veine,jwala bo bohalebo etsa hore ba kgothometsehe;baprista le baporofetaba thekesediswa ke jwala,kelello di tsherehantsweke ho itlopa veine,jwala bo bohalebo etsa hore ba kgothometsehe;ba bona diponoba ntse ba thekesela,dinyewe ba di ahlolaba ntse ba ratseela ke jwala.

8. Tafole tsohledi tletse mahlatsa le ditshila,ha ho na sebaka le se sengse hlwekileng.

9. “Ke bo-mangbao moporofeta a tla ba ruta?Molaetsa wa haeo tla o hlalosetsa bo-mang?O loketse masea a sa tswa kgweswa,bana ba sa tswa tloswa letsweleng!

10. Thuto ya hae ke:Molao hodima molao,molao hodima molao,taelo hodima taelo,taelo hodima taelo;hanyenyane mona,hanyenyane mane.”

11. Kahoo Morena o tla buale tjhaba sa hae,a bue le sonaka maleme a batho basele,a bue le sonaka maleme a baditjhaba.

12. O kile a bua le sona, a re:“Ke tla le fa phomolo ya sebele,ba kgathetseng ba tlo phomola;ke tla fela ke le kgatholle.”Leha ho le jwalo,ha ba a ka ba mamela.

13. Ka baka leo ntswe la Morenae tla ba lena ho bona:Molao hodima molao,molao hodima molao,taelo hodima taelo,taelo hodima taelo;hanyenyane mona,hanyenyane mane,etlere ha ba tsamayaba we ka sanketse,ba robehe, ba tshwaswe,ba thopuwe.