BIBELE

Esaya 28:3-19 BIBELE (SSO89SO)

3. Mofapahlooho wa botlotlehiwa matahwa a Efraime,o tla hatakelwa ka maoto.

4. Thunthung e ponang,e leng tlotla ya botle ba hae,e metseng qethengya kgohlo e manoni,e tla ka feiyee butswang pele ho lehlabula,e kgolwang ke ya e bonang,ebe o a e ja.

5. Ka tsatsi leo, Morena wa mabothoe tla ba mofapahlooho wa tlotla,e be moqhaka o kgabaneho masalla a tjhaba sa hae.

6. E tla ba moya wa tokaho ba okametseng kahlolo,le wa bonatlaho ba phumelang serakgorong ya motse.

7. Batho bana le bonaba thekesediswa ke veine,jwala bo bohalebo etsa hore ba kgothometsehe;baprista le baporofetaba thekesediswa ke jwala,kelello di tsherehantsweke ho itlopa veine,jwala bo bohalebo etsa hore ba kgothometsehe;ba bona diponoba ntse ba thekesela,dinyewe ba di ahlolaba ntse ba ratseela ke jwala.

8. Tafole tsohledi tletse mahlatsa le ditshila,ha ho na sebaka le se sengse hlwekileng.

9. “Ke bo-mangbao moporofeta a tla ba ruta?Molaetsa wa haeo tla o hlalosetsa bo-mang?O loketse masea a sa tswa kgweswa,bana ba sa tswa tloswa letsweleng!

10. Thuto ya hae ke:Molao hodima molao,molao hodima molao,taelo hodima taelo,taelo hodima taelo;hanyenyane mona,hanyenyane mane.”

11. Kahoo Morena o tla buale tjhaba sa hae,a bue le sonaka maleme a batho basele,a bue le sonaka maleme a baditjhaba.

12. O kile a bua le sona, a re:“Ke tla le fa phomolo ya sebele,ba kgathetseng ba tlo phomola;ke tla fela ke le kgatholle.”Leha ho le jwalo,ha ba a ka ba mamela.

13. Ka baka leo ntswe la Morenae tla ba lena ho bona:Molao hodima molao,molao hodima molao,taelo hodima taelo,taelo hodima taelo;hanyenyane mona,hanyenyane mane,etlere ha ba tsamayaba we ka sanketse,ba robehe, ba tshwaswe,ba thopuwe.

14. Mamelang lona basomiba busang tjhaba se Jerusalema,lentswe la Morena ke lena:

15. Lona le itse:“Re entse selekane le lefu,ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu.Ha koduwa e tshabehange wela lefatshe,rona e tla re feta mohwalotso,hoba leshano ke tshabelo sa rona,bohata ke bona tshireletso ya rona.”

16. Kahoo Morena o bua tjena:“Ke bea lejwe la motheo Sione,lejwe le lekilweng,la bohlokwa, la mantlha;ke lejwe la nnete, la motheo:<Ya dumelang honao tla ba le mamello.>

17. Toka e tla ba kgwele e lekanyang,ho loka e be kgwele e otlollang;sefako se tla hoholatshabelo sa mashano,metsi a kwahelebaka tsa ho ipata.”

18. Selekane sa lona le lefuse tla fediswa,tumellano ya lona le Nqalo ya Bafue fediswe.Mohla koduwa e tshabehange welang lefatshe,e tla le wela hodimo,e le hatakele.

19. Kamehla ha e fetae tla le hohola,e le hohole hoseng,motsheare le bosiu;ha le utlwisisa molaetsaebe le a tshoha.