BIBELE

Esaya 28:20-29 BIBELE (SSO89SO)

20. Moalo o mokgutshwanyanehoo o ke keng wa nama,kobo e nyenyanehoo o ke keng wa ikatela.

21. Morena o tla hlahasa mohla thabeng ya Perasime,kgalefo ya hae e tlokome,sa mohla Kgohlong ya Gibeone,a phethe mosebetsi wa haeo hlollang haholo,a phethe ketso tsa haetse tsotehang haholo.

22. Ka baka leo,se iketseng basomi,esere mahlaahlelaa imela matsoho a lona,hobane ke utlwileha ho phatlalatswa timetso,e phatlalatswa ke Morena,Modimo wa mabotho,a re lefatshe lohle le tla timetswa.

23. Theang tsebele utlwe lentswe la ka,mamelang le utlwe polelo tsa ka.

24. Na ya lemelang ho jalaa ka lema motjha-o-tjhele?A dulela ho lemale ho phophotha makwete?

25. Ha a thuile makweteo jala kolojannere le sepaile,ebe koro yona o e jala ka mela,harese le mabelea di jale temeng ya tsona.

26. Tsena o di rutilweke Modimo wa hae,a mo kwetlisetsa tsona hantle.

27. Ha ho polwa kolojannereha ho sebediswe selei,mabidi a kariki ha a pole sepaile;molamu o sebediswaha ho polwa kolojannere,sepaile sona se polwe ka lere.

28. Na koro e hailwa hore e thumisehe?Tjhe, ha e ke e hailwa kamehla;leha e hatiswa ka mabidi a kariki,dipere ha di ke be di e thumise.

29. Tsena tsohledi tswa ho Morena wa mabotho,keletso tsa hae ke tse makatsang,bohlale ba hae ke bo tebileng.