BIBELE

Esaya 27:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka tsatsi leo,Morena o tla bolaya kganyapa,a e bolaye ka sabole e bohale,e kgolo, e sefea,kganyapa, noha e tjhalametsang,kganyapa, noha e bothang e ikgarile,ke yena ya tla bolayasebata sa lewatleng.

2. Ka tsatsi leo, ho tla thwe:“Binelang rapa sa morarase behang haholo.

3. Ke nna Morena,mohlokomedi wa sona,ke se nwesetsa ka dinako tsohle,ke se lebela motsheare le bosiu,hore ho se be le ya mongya ka se senyang.

4. Ho halefa ha ke a halefa.Ha ho ne ho eme hlabahlabane,ho eme le meutlwa kapele ho nna,ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe,ke e hatakele kaofela ha yona,ke e tjhese.

5. Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna,nna ke be setshabelo sa bona,ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.E, ba tle ho nnake etse kgotso le bona”.

6. Ka matsatsi a tlangJakobo o tla hloma,Iseraele a thunye, a etse dipalesa,fatshe lohle le tlale tholwana tsa hae.

7. Na Morena o ile a otla Iseraelejwalokaha a ile a otlaba ileng ba mo otla?Na o bolailwejwaloka ba ileng ba mmolaya?

8. O mo otlileka ho mo lelekela naheng esele,wa mo fefola ka moya o matla,jwaloka mohlamoya wa botjhabela o fokang.