BIBELE

Esaya 26:9-21 BIBELE (SSO89SO)

9. Moya wa ka o o tsetselela bosiu,pelo ya ka le yonae o hlolohetswe haholo.ha kahlolo tsa haodi phethwa lefatsheng,baahi ba lefatsheba tla ithuta ho loka.

10. Leha ba kgopo ba ka hauhelwa,ha ba ke be ba ithute ho loka;leha ba ka phela naheng ya toka,ba tswela peleho nna ba etsa bokgopo,botlotlehi ba Morenaba se ke ba bo bone.

11. Tsoho la haole phahamisitswe, Morena,empa batho bana bonaha ba le bone;ako ba bontsheha o tjhesehela tjhaba sa hao,ba bone, mme dihlong di ba aparele,mollo o tjhesang dira tsa haoo ba timetse.

12. Morena, o re theela kgotso,hoba mesebetsi yohle ya ronae phethilwe ke wena.

13. Oho, Morena Modimo wa rona,babusi ba bang ba kile ba re busa,empa ke bitso la hao feelaleo re le tlotlang.

14. Ba shwele,ba ke ke ba hlola ba phela,ba mabitleng,ba ke ke ba hlola ba tsoha;o ba otlile, wa ba wa ba timetsa,wa etsa horeba se hlole ba hopoleha.

15. Oho, Morena,o se atisitse setjhaba,o se atisitse, o a tlotleha ke hona;wa namisa meedi ya naha.

16. Morena, ba tlile ho wenaba tsielehile,ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.

17. Jwalokaha moimanaya kgatheng la ho belehaa ye a meneke,a lliswe ke mahlaba a hae,le rona re bile jwalomahlong a hao Morena.

18. Re ne re le baimana,re meneka ke mahlaba,empa ha re pepara beleha moya feela.Fatshe la ronaha re a le tlisetsa pholoho,ba tla aha ho lonale bona ha ba a tswalwa.

19. Bafu ba lonaba tla boela ba phele,ditopo tsa bonadi tla boela di tsoha.Lona ba phelang leroleng,tsohang le bine;kahobane phoka ya haoe tshwana le phoka ya hoseng,fatshe le tla boelale tsosa bafu ba lona.

20. Ikeleng tjhaba sa ka,le kene kamoreng tsa lona,ha le se le kene,le ikwalle kahara tsona,le ipate ho se hokae,kgalefo e be e fele.

21. Bonang, Morena o tswaka leahong la hae,ho ahlolela baahi ba lefatshedibe tsa bona.Fatshe le tla hlahisa madia tsholletsweng hodima lona,ba bolaetsweng ho lonale ke ke la hlola le sa ba pata.