BIBELE

Esaya 26:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka tsatsi leo, naheng ya Juda ho tla binwa sefela sena:Re na le motse o matla,ka marako le metero ya wonaModimo o a re pholosa.

2. Bulang menyako ya motse,tjhaba se lokileng se kene,tjhaba se tshepahalang se kene.

3. O boloka kgotsoya ba maikutlo a tsitsitseng,hobane bona ba fela ba o tshepile.

4. Itshepele Morena kamehla yohle,hobane Morena Modimo,ke Fika la mehla yohle.

5. Ba tulong tse phahamengo a ba theola,motse o phahameng a o kokobetse,a o heletse o wele fatshe,a o theolele tlase, leroleng.

6. O tla hatakelwa ka maoto,o hatakelwe ke maoto a mafutsana,o hatakelwe ke mehato ya bahloki.

7. Tsela ya ya lokilengha e na makukuno,wena Ya Lokilengo batalatsa tsela ya hae.

8. Oho, Morena, re o emetse,re tsamaya tselengya dikahlolo tsa hao;lebitso la hao le botumo ba haoke tsona tseo re di labalabelang.

9. Moya wa ka o o tsetselela bosiu,pelo ya ka le yonae o hlolohetswe haholo.ha kahlolo tsa haodi phethwa lefatsheng,baahi ba lefatsheba tla ithuta ho loka.