BIBELE

Esaya 25:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. o ka lebatamala letsatsi lehwatateng.Rata la baditjhaba o tla le fedisa;jwalokaha leswitile kokobetsa motjheso,le pina ya ya sehlohoe tla fediswa jwalo.

6. Thabeng ena Morena wa mabothoo tla etsa mokete,a etsetse tjhaba tsohlemokete wa dimonate,a o etse ka veine e ritelehile,dijo di le monate, veine e ritelehile.

7. Thabeng ena o tla tlosa lesira,le fifaditseng tjhaba tsohle,a tlose leselale fifaditseng ditjhaba tsohle.

8. Morena Modimo o tla fedisa lefu,le felle ruri,a hlakole meokgofahlehong tsa batho bohle,a tlose dihlongtjhabeng sa hae fatsheng lohle,hobane Morena o buile jwalo.

9. Ka tsatsi leo, batho ba tla re:“Ruri enwa ke Modimo wa rona,re ile ra mo tshepa,o re pholositse;enwa ke Morena,re ile ra mo tshepa,a re nyakalleng,re thabele ha a re pholositse.”

10. Morena o tla sireletsa thaba ena,Bamoabe bona a ba hatakele,a ba hatakele sa mmokoo hatakellwa moraheng.

11. Leha ba ka phakalatsamatsoho a bona hodima moraha,ba a phakalatsa sa sehlapi se sesa,Morena o tla fedisaboikgantsho ba bona,le hoja matsoho a bona a le bohlale.

12. Qhobosheanee marako a phahamengo tla e heletsa,a e heletse, e burame fatshe,a e heletse, e fetohe lerole.