BIBELE

Esaya 25:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Oho, Morena,ke wena Modimo wa ka,ke tla o tlotla,ke rorise lebitso la hao,hobane wena o entse dimakatso,merero ya hao ya kgalee a tshepeha, ke ya nnete.

2. Wena o fetotse motsequbu ya majwe,motse o haheleditswengwa o fetola lesupi,motse wa bokgosi wa baditjhabaha e sa le motse,le ho tsoswao ke ke wa hlola o tsoswa.

3. Kahoo ditjhaba tse matladi tla o tlotlisa,metse ya tjhaba tse sehlohoe o tshabe,

4. hobane o bile setshabeloho mafutsana,wa ba setshabeloho bahloki tsietsing tsa bona,wa ba mosireletsinakong ya difefo,wa ba moritihara lebatama la letsatsi.Moya wa ya sehlohoo ka sefefo se thula lebota,

5. o ka lebatamala letsatsi lehwatateng.Rata la baditjhaba o tla le fedisa;jwalokaha leswitile kokobetsa motjheso,le pina ya ya sehlohoe tla fediswa jwalo.

6. Thabeng ena Morena wa mabothoo tla etsa mokete,a etsetse tjhaba tsohlemokete wa dimonate,a o etse ka veine e ritelehile,dijo di le monate, veine e ritelehile.

7. Thabeng ena o tla tlosa lesira,le fifaditseng tjhaba tsohle,a tlose leselale fifaditseng ditjhaba tsohle.

8. Morena Modimo o tla fedisa lefu,le felle ruri,a hlakole meokgofahlehong tsa batho bohle,a tlose dihlongtjhabeng sa hae fatsheng lohle,hobane Morena o buile jwalo.

9. Ka tsatsi leo, batho ba tla re:“Ruri enwa ke Modimo wa rona,re ile ra mo tshepa,o re pholositse;enwa ke Morena,re ile ra mo tshepa,a re nyakalleng,re thabele ha a re pholositse.”

10. Morena o tla sireletsa thaba ena,Bamoabe bona a ba hatakele,a ba hatakele sa mmokoo hatakellwa moraheng.