BIBELE

Esaya 23:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Wena moradi wa Tarashishehaola naheng ya heno,o haole ho yonajwaloka noka ya Nile,hobane ya o thibelang ha a sa le yo.

11. Morena o otlolotse tsoho la hae,a le otlolla hodima lewatle,a etsa hore mebuso e thothomele.Malebana le KananaMorena o entse taelo,hore qhobosheane tsa yonadi ripitlwe.

12. Yaba o re:“Wena moradi wa Sidoneya ripitlilweng,o ke ke wa hlola o nyakalla hape!Leha o ka tsamayawa tshelela Kitime,le teng phomoloo ke ke be wa e bona!”

13. Tadima naha ya Bakalatiya,ya tjhaba seo e seng e se letho!Baasiria ba e fetotsehwatata la dibatana,ba haha tora tsa bona tsa dibohodi,ba heletsa qhobosheane tsa yona,ba e siya e fetohile masupi.

14. Bokollanglona dikepe tsa Tarashishe,hoba qhobosheane ya lonae ripitlilwe.

15. Ho tloha ka tsatsi leo, Tire e tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, e leng nako e lekanang le dilemo tsa ho phela ha kgosi. Ha dilemo tseo tse mashome a supileng di fetile, Tire e tla tshwana le seotswa se bolelwang pineng e reng:

16. “Nka harepa ya haoo potolohe le motse,wena seotswa towe,o seng o sa hopolwe;tsanyaola melodi,o bine dipina tse ngata,o tle o boele o hopolwe hape.”

17. Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.