BIBELE

Esaya 23:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Bona ke boporofeta malebana le Tire:Bokollanglona dikepe tsa Tarashishe,hobane Tire e ripitlilwe,ha ho sa na ntlo,ha ho sa na kou ya dikepe!Tsebiso enae tswa naheng ya Kitime,e senoletswe ba naha ya Tire.

2. Kgutsanglona ba ahileng pela lebopo,kgutsang lona bahwebi ba Sidone,ba ruisitswengke ba tshelang mawatle.

3. Koro ya Shihoree tshedisitswe mawatle a maholo,tjhai ya phula ya Nileya tlisetsa Tire mouno,Tire ya ruiswake ho hweba le tjhaba tse ding.

4. Ako itshwabele wena Sidone,wena o leng qhobosheane ya lewatle,hoba lewatle le buile, la re:“Ha ke eso be le mahlaba a pelehi,le ho tswala ha ke eso tswale,ha ke eso hodise bara,le baradi ha ke eso ba hodise.”

5. Ha Baegepeta ba hlabelwa mokgosiba tla tshoha ha ba utlwa tsa Tire.

6. Tshelelang mose ho Tarashishe;bokollang lona ba ahilengpela lebopo la lewatle.

7. Na oo ke wona motse wa lonawa menyaka,motse o theilwengmehleng ya kgalekgale,o ila romela baahiho ya aha naheng tse hole?

8. Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang?Tire,motse wa ho hlomamisa dikgosi,oo bahwebi ba wonae leng mahosana,oo bo-radikgwebo ba wonaba tummeng fatsheng lohle?