BIBELE

Esaya 22:5-14 BIBELE (SSO89SO)

5. Tsatsi lena ke la mekutu,la ho hatakelwa, le la tshabo,tsatsi le laotsweng ke Morena,Modimo wa mabotho,ka Kgohlong ya Pono,rata la ho heletswa ha marakole tla utlwahala kwana mahaheng.

6. Elame ya jara sehlajwe sa metsu,ya futuha le ka bapalami ba dipere,Kire yona ya ntsha thebe ya yona.

7. Kgohlo tsa hae tse ntledi tletse kariki tsa ntwa,bapalami bona ba teile thekokgorong ya motse,

8. qhobosheane tsa Judatsona di heleditswe.Tsatsing leo la hlahloba hlomodi le ka Tlung ya Moru,

9. la bona bongata ba kgeo tsa lerakola Motse wa Davida,la thiba metsi a Letshana le Katlase.

10. Matlo a Jerusalema le a badile,la heletsa matlo hore le tiise lerako.

11. Pakeng tsa marako a mabedila haha letamo,la le hahela ho thibela metsia Letshana la Kgale;empa la se ke la natsaMoetsi wa lona,kapa la tsotellaya le rerileng kgalekgale.

12. Ka tsatsi leo Morena,Morena wa mabotho, a le bitsa,a le bitsetsa ho llale ho ba bofifing,ho beola moririle ho apara tse mahwashe.

13. Empa ya eba thabo,ya eba nyakallo,ha hlajwa makgomo,ha hlajwa manku,ha jewa dinama, ha nowa veine!“A re jeng, re inwelleng,”lona la rialo,“hobane hosasanere tla be re shwele!”

14. Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.