BIBELE

Esaya 22:17-25 BIBELE (SSO89SO)

17. “Bona, Morena o kgathengla hoo tshwara,a o akgele hole, wena senatla towe!

18. Ruri o tla o phuthaphuthaka thata sa pidikwane,a o lahlele hara naha e nammeng.O tla ya shwela naheng eo,le kariki tseo o itlotlang ka tsonadi felle moo,wena ya tlontlolotsenglapa la monga hao.

19. Ke tla o tlosa tulong tsa hao,ke o hlobodise boemo ba hao.

20. “Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eleakime, mora wa Hilekiya.

21. Ke tla mo apesa seaparo sa hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, le matla a hao a ho busa a be matsohong a hae. Yena e tla ba ntata ho baahi ba Jerusalema le ho ba ntlo ya Juda.

22. Ke tla mo nea dinotlolo tsa ntlo ya Davida; ha a butse ha ho ya tla kwala, ha a kwetse ha ho ya tla bula.

23. Ke tla mo kgokgothela sebakeng se tiileng jwalokaha eka ke thakgisa, mme e be terone e tlotlehang ya lapa la ntatae.

24. Tlotla yohle ya lapa labo e tla ba hodima hae; ya ditloholo le ya ditloholwana, ya dijana tsohle tse nyenyane, le ya dipitsa tsohle tsa mepotjwana.

25. “Ka tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho, “thakgisa e kgokgothetsweng moo ho tiileng e tla kgokgothollwa, e kgaolwe, e wele fatshe, mme tsohle tse neng di itshwareletse ka yona di tla senyeha,” ho rialo Morena.