BIBELE

Esaya 22:11-15 BIBELE (SSO89SO)

11. Pakeng tsa marako a mabedila haha letamo,la le hahela ho thibela metsia Letshana la Kgale;empa la se ke la natsaMoetsi wa lona,kapa la tsotellaya le rerileng kgalekgale.

12. Ka tsatsi leo Morena,Morena wa mabotho, a le bitsa,a le bitsetsa ho llale ho ba bofifing,ho beola moririle ho apara tse mahwashe.

13. Empa ya eba thabo,ya eba nyakallo,ha hlajwa makgomo,ha hlajwa manku,ha jewa dinama, ha nowa veine!“A re jeng, re inwelleng,”lona la rialo,“hobane hosasanere tla be re shwele!”

14. Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.

15. Morena Modimo wa mabotho, a bua, a re:“Eya ho Shebena,e leng ramatlotlo,le molebedi wa ntlo ya kgosi,o re ho yena: