BIBELE

Esaya 20:3-6 BIBELE (SSO89SO)

3. Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe;

4. ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong.

5. Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong.

6. Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: <Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang?> ”