BIBELE

Esaya 2:8-20 BIBELE (SSO89SO)

8. Naha ya sonae tletse medimo ya bohata,se kgumamelamesebetsi ya matsoho a sona,mesebetsi e bopilwengke menwana ya sona.

9. Batho bohle ba tla obama,banna bohle ba ikokobetse,o se ke wa ba tshwarela, Morena.

10. Ipateng hara mafika,le ipate le madumeleng,ka baka la ho tshaba Morenale kganya ya botlotlehi ba hae!

11. Moikakasi o tla kokobetswa,baikgohomosi bona ba nyenyefatswe,mohlang oo ke Morena feela,ya tla phahamela tsohle.

12. Tsatsi le tengle beilweng ke Morena wa mabotho,le beetswengbaikgantshi le baikgohomosi,le bohle ba ikakasang,hore a tla ba kokobetse;

13. le beetswe le kedare tsa Lebanone,dikedare tse telele, tse phahameng,le dieike tsohle tsa Bashane;

14. le dithaba tsohle tse tlhoro di telele,le maralla wohle a phahameng;

15. le tora e nngwe le e nngwee phahameng,le marako wohle a haheleditsweng;

16. le dikepe tsohle tsa Tarashishe,le mesebetsi yohlee kgahlang mahlo.

17. Boikgantsho ba mothobo tla kokobetswa,boikgohomoso ba hae bo fediswe,mohlang oo ke Morena feelaya tla phahamela tsohle;

18. medimo ya bohatae tla fediswa yohle.

19. Batho ba tla balehela mahaheng,ba balehele katlasa mafika,ba kene mekotinge tjhekilweng fatshe,ka baka la ho tshaba Morenale kganya ya botletlehi ba hae,ha a phahama ho tshosa lefatshe.

20. Mohlang oo medingwana ya bohataya silefera, le ya kgauta,eo batho ba e etseditsengho e kgumamela,ba tla e akgelladikgwiti le bo-mmankgane.