BIBELE

Esaya 2:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. Matjhabatjhaba a tla fihla, a re:“Tloong, re nyolohelengThabeng ya Morena,re nyolohelengTempeleng ya Modimo,Tempeleng ya Modimo wa Jakobo.O tla re ruta ditaba tsa hae,re tle re tsamaye tseleng tsa hae;”kaha molaoo tla tswa Thabeng ya Sione,ntswe la Morenale tswe Jerusalema.

4. Morena o tla ahlolela ditjhaba,a fedise ho se utlwanehara tjhaba tse ngata;sabole tsa tsonadi tla di etsa mehoma,marumo a tsona di a etse disekele,tjhaba di ke ketsa hlola di nkelana disabole,di ke ketsa hlola di itokisetsa dintwa.

5. Lona ba ntlo ya Jakobo tloong,a re tsamayeng seding la Morena.

6. Morena, o lahlile tjhaba sa hao,e leng ntlo ya Jakobo,se tletse tumelotse tswang Botjhabela,e bile ke dinohe jwaloka Bafilesita,se kgomaretse meetlo ya baditjhaba.

7. Naha ya sonae tletse silefera le kgauta,matlotlo a tsonaha a na pheletso;naha ya sonae tletse pere tse ngata,kariki tsa sona tsa ntwaha di na palo.

8. Naha ya sonae tletse medimo ya bohata,se kgumamelamesebetsi ya matsoho a sona,mesebetsi e bopilwengke menwana ya sona.

9. Batho bohle ba tla obama,banna bohle ba ikokobetse,o se ke wa ba tshwarela, Morena.

10. Ipateng hara mafika,le ipate le madumeleng,ka baka la ho tshaba Morenale kganya ya botlotlehi ba hae!

11. Moikakasi o tla kokobetswa,baikgohomosi bona ba nyenyefatswe,mohlang oo ke Morena feela,ya tla phahamela tsohle.

12. Tsatsi le tengle beilweng ke Morena wa mabotho,le beetswengbaikgantshi le baikgohomosi,le bohle ba ikakasang,hore a tla ba kokobetse;

13. le beetswe le kedare tsa Lebanone,dikedare tse telele, tse phahameng,le dieike tsohle tsa Bashane;