BIBELE

Esaya 2:16-22 BIBELE (SSO89SO)

16. le dikepe tsohle tsa Tarashishe,le mesebetsi yohlee kgahlang mahlo.

17. Boikgantsho ba mothobo tla kokobetswa,boikgohomoso ba hae bo fediswe,mohlang oo ke Morena feelaya tla phahamela tsohle;

18. medimo ya bohatae tla fediswa yohle.

19. Batho ba tla balehela mahaheng,ba balehele katlasa mafika,ba kene mekotinge tjhekilweng fatshe,ka baka la ho tshaba Morenale kganya ya botletlehi ba hae,ha a phahama ho tshosa lefatshe.

20. Mohlang oo medingwana ya bohataya silefera, le ya kgauta,eo batho ba e etseditsengho e kgumamela,ba tla e akgelladikgwiti le bo-mmankgane.

21. Batho ba tla balehela mahaheng,katlasa mafika le mafarung,ka baka la ho tshaba Morena,le ho tshaba kganyaya botlotlehi ba hae,ha a phahama ho tshosa lefatshe.

22. Kgaotsa ho tshepa motho,motho ya phefumolohang feela.Hona motho e ne e le eng?