BIBELE

Esaya 15:3-9 BIBELE (SSO89SO)

3. Ba tsamaya terateng tsa motse,ba apere tse mahwashe,bohle ba llaba le hodima marulelo,le mabaleng a motse,ba itabanya fatshe ba ntse ba lla.

4. Ba Heshebone le ba Elaleba a howeletsa,mantswe a bona a utlwahala hohleho ya fihla Jahase;kahoo le bahlabani ba Moabeba a howeletsa,bahlabani bohle ba a thothomela.

5. Pelo ya ka e llela ba Moabe,baphaphathehi ba bonaba balehetse Soware,ba balehaho ya fihla Egelate-Sheleshiya,ba nyoloha ka tsela e yang Lohite,ba nyolohela Lohiteba ntse ba lla,ba llela timelo ya bonaba le tseleng e yang Horanaime.

6. Metsi a Nimerime a pshele,jwang bo omeletse,dimela di fedile,ha ho letho le letalana.

7. Maruo aoba a sebeditseng ka thata,ba a bokella,ba a kakatetseho ya tshelaMolatswana wa Meduwane.

8. Mokgosi wa bona o hoballa,ho ya fihla meeding ya Moabe,seboko sa bona se fihla Egelaime,sello sa bonase fihle le Beere-Elime.

9. Metsi a Dimonea tlerefetse ke madi,ke hona ke sa tla tlisa koduwa,ke e tlisetse Dimone:Baphaphathehi ba Moabeba tla bolawa ke tau,ba tla sala tengle bona e tla ba bolaya.