BIBELE

Esaya 13:8-17 BIBELE (SSO89SO)

8. Ba tla kenelwa ke tshabo,mahlaba le bohloko di tla ba menya;ba tla menekasa mosadi a kena tlung,motho a shebane le wa haboka ho makala,fahleho tsa bona di fubele,di fubele sa malakabe.

9. Bonang, tsatsi la Morenake lena le a tla!Le tla ka sehloho le ka kgalefo,ka bohale bo tlokomang,le tla ho fetola lefatshee be nanaola;ka tsatsi leobaetsadibe o tla ba timetsa.

10. Naledi tsa lehodimole Makolobe a tsona,kganya ya tsonae ke ke ya bonahala,tsatsi le tla fifala ha le tjhaba,kganya ya kgwedi le yona e be siyo.

11. Lefatshe ke tla le otla,ke le otlele bokgopo ba lona,ba kgopo le bona ke ba otle,ke ba otlele dibe tsa bona,boikakaso ba ba itjangke bo fedise,boikgohomoso ba bompodike bo kokobetse.

12. Ke tla etsa hore motho a hlokehe,sa kgauta e hlwekisitswe,a hlokehe sa kgauta ya Ofire.

13. Ke tla etsa horemahodimo a thothomele,fatshe le be le suthemadulong a lona,tsena di tla bakwake kgalefo ya Morena wa mabotho,mohla tsatsi la bohalebo tlokomang ba hae.

14. Jwaloka kgama e balehang setsomi,jwaloka dinku tse hlokang modisa,motho ka mongo tla kgutlela tjhabeng sa habo,motho ka monga balehele naheng ya habo.

15. Bohle ba tla thopuwaba tla phehletswa ka lerumo,bohle ba tla tshwarwaba bolawe ka sabole.

16. Bana ba bona ba tla thuakwaba ntse ba ba bona,matlo a bona a lobelwe,basadi ba bona ba betwe.

17. Ke tla hlohleletsa Bamedeba ba tsohele matla,Bamede ba sa tsotellengbohlokwa ba silefera,bona bao kgautae ke keng ya ba hohela.