BIBELE

Esaya 13:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. Mokgetho wa bahlabani ba kake se ke o laetse,bahale ba ka ke ba bitsitse,ho phethahatsa kgalefo ya ka,bona ba thabelang ho hlola ha ka.

4. Ho utlwahala modumo wa letshwelehara dithaba,modumo o kangwa sekgakgathahadi sa batho!Ho utlwahala modumo wa mebuso,lereberebe la mebusoya ditjhaba di phuthehile!Morena wa mabothoo kgobokanya mabotho a ntwa!

5. A tswa naheng e hole,pheletsong tsa lehodimo,Morena o tla ka dihlomotsa kgalefo ya hae,hore fatshe lohle a tle a le timetse.

6. Bokollang,tsatsi la Morena le se le le haufi!Le tla e le la timetso,le etswa ho Ya Matla wohle!

7. Ka baka leo, matsoho wohlea tla tepella,batho bohle ba fellwe ke tshepo.

8. Ba tla kenelwa ke tshabo,mahlaba le bohloko di tla ba menya;ba tla menekasa mosadi a kena tlung,motho a shebane le wa haboka ho makala,fahleho tsa bona di fubele,di fubele sa malakabe.

9. Bonang, tsatsi la Morenake lena le a tla!Le tla ka sehloho le ka kgalefo,ka bohale bo tlokomang,le tla ho fetola lefatshee be nanaola;ka tsatsi leobaetsadibe o tla ba timetsa.

10. Naledi tsa lehodimole Makolobe a tsona,kganya ya tsonae ke ke ya bonahala,tsatsi le tla fifala ha le tjhaba,kganya ya kgwedi le yona e be siyo.

11. Lefatshe ke tla le otla,ke le otlele bokgopo ba lona,ba kgopo le bona ke ba otle,ke ba otlele dibe tsa bona,boikakaso ba ba itjangke bo fedise,boikgohomoso ba bompodike bo kokobetse.