BIBELE

Esaya 13:16-22 BIBELE (SSO89SO)

16. Bana ba bona ba tla thuakwaba ntse ba ba bona,matlo a bona a lobelwe,basadi ba bona ba betwe.

17. Ke tla hlohleletsa Bamedeba ba tsohele matla,Bamede ba sa tsotellengbohlokwa ba silefera,bona bao kgautae ke keng ya ba hohela.

18. Diqha di tla roboka batjha,ba fetohe ditsekana,baimana bona ba ba hlokele mohau,leha e le honaho utlwela bana bohloko.

19. Wena Babilona, tlotla ya mebuso,mokgabo oo Bakalatiyaba leng motlotlo ka wona,Modimo o tla o timetsasa Sodoma le Gomora!

20. O ke ke wa hlola o eba le baahi,o tla ba hloka ka meloko le meloko,ha ho Moarabiaya tla hloma tente ya hae moo,le badisa ba ke ke ba etsametebo ya bona moo.

21. Batana tsa lehwatatadi tla botha moo,diphooko le tsona di hahele teng,ebe moo dimpshe di phelang teng,dithotsela di tlolake teng,di tlolake di nyakaletse.

22. Mafiritshwane a tla ngayaka qhobosheaneng tsa hao,phokojwe di ngayeka matlung a hao a bokgosi.Nako ya timelo ya Babilonae atametse,matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.