BIBELE

Esaya 12:2-6 BIBELE (SSO89SO)

2. Modimo ke mopholosi wa ka,ke tla mo tshepa,mme ke se ke ka tshaba;Morena ke matla a ka,ke pina ya ka,Morena o fetohilemopholosi wa ka.”

3. Le tla ikgella metsi le thabile,le a kge didibeng tsa pholoho.

4. Mohla tsatsi leo, le tla re:“Lebohang Morena, le mo rapele,phatlalatsang mesebetsi ya haehara ditjhaba,le bolele hore bitso la hae le leholo.

5. Binelang Morena,hobane o entse tse tlotlehang,tsena le di tsebise lefatshe lohle.

6. Howeletsang haholo,le didietse ka thabo,le bine lona baahi ba Sione.Ya Halalelang wa Iseraeleo moholo hara lona.”