BIBELE

Esaya 11:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. Lesea le tla ipapallapela mokoti wa masumo,ngwana a kenye letsohomokoting wa qowane.

9. Di ke ke tsa senyakapa tsa ntsha kotsi,hohle Thabeng ya ka e halalelang,hobane fatshe le tla be le tletsetsebo ya Morena,jwalokaha lewatle le tletse metsi.

10. Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.

11. Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.

12. O tla emisetsa ditjhaba mokgele,a phuthe Baiseraeleba lelekilweng naheng ya bona;a bokelle setjhaba sa Judase qhalantsweng,a se bokelle hohleqoleng tse nne tsa lefatshe.

13. Mona wa ba Efraime o tla fela,dira tsa ba morabe wa Judadi timetswe,ba Efraimeba ke ke ba honohela ba Juda,le ba Judaba ke ke ba tshwenya ba Efraime.

14. Ka bophirimelaba tla ubella Filesitiya,ba kopanele tjhaba tsa botjhabelaba di senyetse,ba hape Baedomo le Bamoabe,Baamone bona ba buswe ke bona.

15. Morena o tla pshesa kouya watle la Egepeta,tsoho la hae le fokise moyao tjhesang hodima Noka,Noka eo a e arolemelatswana e supileng,batho ba e tsheleba ntse ba rwetse meqathatso.

16. Masalla a tjhaba sa haea tswang Asiria,a tla tsamaya mmilengo phatlaletseng,jwaloka mohla Baiseraeleba tswang Egepeta.