BIBELE

Esaya 1:3-17 BIBELE (SSO89SO)

3. Pholo e tseba monga yona,tonki e tseba sejelo sa yona,empa Iseraele yena o hloka tsebo,tjhaba sa ka sonaha se na kutlwisiso.”

4. Jo! tjhaba sa baetsadibese tletseng bokgopo!Tloholo tsa ba kgopo,bana ba bodileng!Ba furaletse Morena,ba nyedisitseYa Halalelang wa Iseraele,ba fela ba mo furaletse.

5. Le sa tla boela le otlwa hokae,ha le ntse le pheella ho mo fetohela?Hlooho yohle e se tletse maoma,mmele wohle le wona o a kula.

6. Ha ho bopheloho tloha bohatong ba leoto,ho isa hloohong,ke maqeba le matetetsole diso tse petlang,ha di eso hlatsuwekapa tsa tlamiswa,le ho tlotswa ka oleha di eso tlotswe.

7. Naha ya lona e hloka baahi,metse ya lona e tjhesitswe ke mollo,baditjhaba ba jesa masimo a lona,le ntse le ba bona,baditjhaba ba sentse naha ya lona.

8. Moradi wa Sione o silwejwaloka lephephetshimong ya morara,jwaloka motlotlwanetshimong ya mahapu,le jwaloka motseo etseditsweng thibella.

9. Hoja Morena wa mabothoa se ka re siela mahlatsipa,re ka be re ilera ba jwaloka Sodoma,re ka be re ilera tshwana le Gomora!

10. Lona baahi ba Sodoma,mamelang polelo tsa Morena!Lona tjhaba sa Gomora,mamelang molaowa Modimo wa rona!

11. Morena o re:“Molemo wa mahlabelo a lonaho nna ke ofe,mahlabelo a lona a mangatangata?Ke tennweke nyehelo tsa lona tsa setjheso,ke tennwe ke mafura a dipheleule a phoofolo tse nontshitsweng;ha ke thabele madi a dipohwana,le a dikonyana le diphooko.

12. Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna,ke mang ya le kopilengho tla hatakela mabala a ka?

13. Kgaotsang ho ntlisetsanyehelo tse se nang thuso;mekubetso ya lonake manyala ho nna,mekete ya ho thwasa ha kgwedile ya Disabatha,le phutheho tse halalelangtseo le di memang,tsena ke bokgopo,nke ke ka di mamella.

14. Mekete ya lonaya ho thwasa ha kgwedi,le mekete ya lona e kgethehileng,moya wa ka o e hloile,ho nna e fetohile mejaro,ke kgathetse ke ho e sikara.

15. Ha le phahamisa matsohoho ipiletsa ho nna,ke tla ipata sefahleho;leha le ka etsa dithapelo tse ngata,nke ke be ka le mamela,matsoho a lona a kganathetse madi.

16. Itlhatsweng, le itlhwekise,tlosang ketso tsa lonatse kgopo mahlong a ka,le kgaotse ho etsa bokgopo.

17. Ithuteng ho etsa tse lokileng,le ipatlele le yona toka,kgalemelang mohatelli,le ahlolele kgutsana hantle,nyewe ya mohlolohadile yona le e emele.