BIBELE

Dipesalema 96:9-13 BIBELE (SSO89SO)

9. Kgumamelang Morenale kgabile ka tse halalelang,lefatshe lohle le thothomele,le thothomele kapele ho yena.

10. Ereng ho baditjhaba:“Morena ke kgosi,o tiisitse lefatshe,le ke ke la sisinyeha;o ahlola ditjhaba ka ho loka.”

11. Mahodimo a ke a thabe,lefatshe le nyakalle,lewatle le hwasele tsohle tse ka ho lona.

12. Naha e nyakallele tsohle tse ho yona,difate tsa meru di etse ditlatse

13. kapele ho Morena, hobane o a tla,o tlilo ahlola lefatshe.O tla ahlola lefatshe ka toka,le ditjhaba ka nnete ya hae.