BIBELE

Dipesalema 96:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. Bolelang tsa tlotla ya haehara ditjhaba,le dimakatso tsa haehara merabe yohle.

4. Morena o moholo,o lokelwa ke thoriso e kgolo,o tshabeha ho feta medimo yohle.

5. Medimo yohle ya baditjhabake mafeelafelane,athe Morenake yena ya entseng mahodimo.

6. O eteletswe peleke tlotla le botlotlehi,matla le kganyadi Sehalalelong sa hae.

7. Thoholetsang Morena,lona ditjhaba tsa mefutafuta,thoholetsangtlotla le matla a Morena.

8. Thoholetsang tlotlae lokelang lebitso la Morena,tloong mabaleng a hae,le mo nyehelle.

9. Kgumamelang Morenale kgabile ka tse halalelang,lefatshe lohle le thothomele,le thothomele kapele ho yena.

10. Ereng ho baditjhaba:“Morena ke kgosi,o tiisitse lefatshe,le ke ke la sisinyeha;o ahlola ditjhaba ka ho loka.”

11. Mahodimo a ke a thabe,lefatshe le nyakalle,lewatle le hwasele tsohle tse ka ho lona.

12. Naha e nyakallele tsohle tse ho yona,difate tsa meru di etse ditlatse

13. kapele ho Morena, hobane o a tla,o tlilo ahlola lefatshe.O tla ahlola lefatshe ka toka,le ditjhaba ka nnete ya hae.