BIBELE

Dipesalema 96:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Binelang Morena sefela se setjha,lona ba lefatshe lohlele ke le binele Morena.

2. Binelang Morena,bokang lebitso la hae,ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsangle phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.

3. Bolelang tsa tlotla ya haehara ditjhaba,le dimakatso tsa haehara merabe yohle.

4. Morena o moholo,o lokelwa ke thoriso e kgolo,o tshabeha ho feta medimo yohle.

5. Medimo yohle ya baditjhabake mafeelafelane,athe Morenake yena ya entseng mahodimo.

6. O eteletswe peleke tlotla le botlotlehi,matla le kganyadi Sehalalelong sa hae.

7. Thoholetsang Morena,lona ditjhaba tsa mefutafuta,thoholetsangtlotla le matla a Morena.

8. Thoholetsang tlotlae lokelang lebitso la Morena,tloong mabaleng a hae,le mo nyehelle.

9. Kgumamelang Morenale kgabile ka tse halalelang,lefatshe lohle le thothomele,le thothomele kapele ho yena.

10. Ereng ho baditjhaba:“Morena ke kgosi,o tiisitse lefatshe,le ke ke la sisinyeha;o ahlola ditjhaba ka ho loka.”

11. Mahodimo a ke a thabe,lefatshe le nyakalle,lewatle le hwasele tsohle tse ka ho lona.

12. Naha e nyakallele tsohle tse ho yona,difate tsa meru di etse ditlatse