BIBELE

Dipesalema 94:9-22 BIBELE (SSO89SO)

9. Na ya entseng tsebea ke ke a utlwa?Ya bopileng leihlona a ke ke a bona?

10. Na yena ya kgalemelang ditjhabaa ke ke a di otla,yena ya rutang batho bohlale?

11. Morena o tseba mehopolo ya motho,o a tseba hore ke lefeela.

12. Morena, ho lehlohonolo mothoeo o mo kgalemelang,eo o mo rutang ka Molao wa hao,

13. hore o tle o mo kgatholle,o mo kgatholle matsatsing a mabe,ha ba kgopo bonaba tjhekelwa lemena.

14. Morena a ke ke a furallatjhaba sa hae,a ke ke a lahlabao e leng lefa la hae.

15. Dikahlolodi tla boela di etswa ka toka,bohle ba pelo di ntle ba tla e latela.

16. Ke mang ya tla ntshireletsaho ba kgopo?Ke mang ya tla mpuellaho ba bolotsana?

17. Hoja Morena a se ke a nthusa,nka be ke se ke robetse lebitleng.

18. Moo ke reng:“Leoto la ka le a thella,”mohau wa haoo a ntshehetsa, Morena.

19. Ha pelo ya ka e touta haholo,matshediso a haoa hlabolla moya wa ka.

20. Na o ka ba le kopano le baahlodi,baahlodi ba kgopo,ba fetolang bobe molao?

21. Ba ikopanya mmohoho fedisa bophelo ba ya lokileng,ba ahlolela ya se nang molato lefu.

22. Empa Morenake qhohosheane ya ka,Modimo wa ka ke lefikaleo ke tshabelang ho lona.