BIBELE

Dipesalema 94:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. Na yena ya kgalemelang ditjhabaa ke ke a di otla,yena ya rutang batho bohlale?

11. Morena o tseba mehopolo ya motho,o a tseba hore ke lefeela.

12. Morena, ho lehlohonolo mothoeo o mo kgalemelang,eo o mo rutang ka Molao wa hao,

13. hore o tle o mo kgatholle,o mo kgatholle matsatsing a mabe,ha ba kgopo bonaba tjhekelwa lemena.

14. Morena a ke ke a furallatjhaba sa hae,a ke ke a lahlabao e leng lefa la hae.

15. Dikahlolodi tla boela di etswa ka toka,bohle ba pelo di ntle ba tla e latela.

16. Ke mang ya tla ntshireletsaho ba kgopo?Ke mang ya tla mpuellaho ba bolotsana?

17. Hoja Morena a se ke a nthusa,nka be ke se ke robetse lebitleng.

18. Moo ke reng:“Leoto la ka le a thella,”mohau wa haoo a ntshehetsa, Morena.

19. Ha pelo ya ka e touta haholo,matshediso a haoa hlabolla moya wa ka.