BIBELE

Dipesalema 94:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena,wena Modimo ya phetetsang,ako iponahatse,wena Modimo ya phetetsang.

2. Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe,o nee baikgohomosimoputso wa bona.

3. Ba kgopo ba tla thabaho fihlela neng?E tla ba ho fihlela neng, Morena?

4. Ba a hehla, ba bua ka boikakaso,bohle ba kgopo ba a ithorisa.

5. Morena, ba hatakela setjhaba sa hao,ba hatella bao e leng lefa la hao.

6. Ba fenetha mohlolohadi le mojaki,ba bolaya le dikgutsana.

7. Ba re: “Morena ha a bone,Modimo wa Jakobo ha a lemohe.”

8. Utlwisisang,lona setjhaba sa mawatla;dithoto ting! le tla hlalefa neng?

9. Na ya entseng tsebea ke ke a utlwa?Ya bopileng leihlona a ke ke a bona?

10. Na yena ya kgalemelang ditjhabaa ke ke a di otla,yena ya rutang batho bohlale?