BIBELE

Dipesalema 91:5-13 BIBELE (SSO89SO)

5. O ke ke wa tshaba ditshosa tsabosiu,kapa metsu e bebang motsheare,

6. leha e le lefu la sewale kgukgunang lefifing,leha e le koduwa e timetsanghara mpa ya motsheare.

7. Batho ba sekete ba ka wa,ba wa lehlakoreng la hao,le ba kete tse leshomeka letsohong la hao le letona;empa wenao ke ke wa hlahelwa ke letho.

8. O tla bona ka mahlo a haoha ba kgopo ba putswa.

9. Kahobane o entse Morenasetshabelo sa hao,mme Ya Hodimodimoo mo entse qhobosheane ya hao,

10. ha ho bobe bo ka o welang hodimo,ha ho kotlo e ka atamelangmotlotlwane wa hao.

11. O tla laela mangeloi a hae,a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.

12. A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona,esere leoto la haola kgoptjwa ke lejwe.

13. O tla hata tau le marabe,o hatakele tawana le noha.